2
Tshehetso ka ho ithutela lapeng:
tataiso bakeng sa bahlokomedi
ba bana
Tataiso ena ke ya eng?
Ena ke tataiso ya batho bohle ba dulang le bana.
E arotswe dikarolo tse tharo. Karolo ya 1 e fana
ka tlhahisoleseding ya moraorao ka Covid- 19 ho
o thusa hore o sireletse lelapa la hao kgahlanong
le kokwanahloko ena. Karolo ya 2 e o fa
tshehetso le menahano ya ho thusa bana ho
ithuta ba le hae ha dikolo di ntse di kwetswe.
Karolo ya 3 e fana ka tataiso ya hore o ka etsa
jwang ka letsatsi le letsatsi.
Karolo ya 1: Mabapi le Covid -19
Covid-19 ke eng?
Covid 19 ke kokwanahloko e tshwaetsanang e
bakwang ke kokwanahloko ya corona e ntjha e sa
tswa hlahella. Covid- 19 ke bohloko bo
tshwanang le feberu. E hlasela haholo taolo ya
phefumoloho ya rona.
O ka fumana tshwaetso ya kokwanahloko
ya corona jwang?
• O fumana kokwanahloko ka ho ba pela
motho ya nang le tshwaetso
• Ha motho ya nang le tshwaaetso a thimola
kapa a kgohlela haufi le wena, marothodi a
nang le kokwanahloko a ka kena mmeleng
wa hao ka mahlo, molomo kapa nko. Leha o
bua marothodi a ka hasana.
• Haeba o ka tshwara dintho tse jwalo ka
ditafole, dikhaontara, mehele ya menyako,
dikwahelo tsa matlwana kapa dipompo tse
nang le kokwanahloko ho tsona, ebe ka
mora moo o tshwara sefahleho sa hao,
kokwanahloko e ka kena mmeleng wa hao.
Ke matshwao afe a bontshang hore o na le
tshwaetso ya kokwanahloko ya corona?
O ka ba le tshwaetso ya kokwanahloko ya corona
o se na matshwao ho hang, empa hape o ka ba le
letshwao le le leng kapa ho feta ho a latelang:
• mokgohlane
• feberu
• mmetso o bohloko
• mokgathala
• Ho hema ka thata
Kokwanahloko ena e ka o kudisa jwang?
Ho batho ba bangata ho kula ha ho hobe. Empa
ho batho ba dilemong tse ka hodimo ho 60 le ba
seng ba ntse ba tshwerwe ke mahloko a jwalo ka
lefuba (TB), lefu la tswekere, kgatello ya madi, le
bohloko ba matshwafo kapa lefu la pelo, ba ka
kula haholo. Batho ba nang le HIV ba sa nweng
meriana ya bona kgafetsa le bona ba ka ba
kotsing e kgolo.
Mafosi ka covid 19
Ho na le lesedi le lahlehisang le lengata ka
kokwanahloko ena.
• HA se bohloko bo tshwarang barui feela.
3
• HA se bohloko ba batho ba basweu kapa
Matjhaena. .
• Kokwanahloko ena e KA phela moo ho
tjhesang.
• Ho nwa kgemere, konofolo le lemone ho
KEKE ha fodisa Covid- 19.
Re ka itshireletsa jwang?
Ho na le melawana e tsheletseng ya bohlokwa eo
kaofela re tshwanetseng ho e latela.
1. Hlapa matsoho ka sesepa le metsi kgafetsa,
bakeng sa bonyane metsotswana e 20.
2. O seke wa tshwara sefahleho sa hao ka
matsoho a sa hlapuwang.
3. Kgohlella le ho thimolela thishung kapa
setsung sa hao. Lahla thishu eo o e
sebedisitseng.
4. Ha o le hara batho, etsa hore o siye sebaka
se ka bang 1.5m hole le batho ba bang.
5. Rwalamaske ha o tswa ka hara ntlo ya hao
kapa haeba o hlokomela motho ya kulang.
6. Dula hae haeba o kula. Letsetsa mohala wa
tshohanyetso wa Covid- 19 wa naha (0800
029 999/ Whatsapp: 0600 123456) kapa
mosebeletsi wa tsa kalafo maemong a
tshohanyetso.
Hobaneng re tshwanetse ho rwala dimaske?
Batho ba bang ba nang le kokwanahloko ya
corona ha ba na matshwao afe kapa afe kahoo
ba ka se tsebe hore ba tshwaeditswe. Tsela e
molemo ka ho fetisisa ya hore re itshireletse le ba
bang ke ho rwala maske ha re tswa malapeng.
Ba tshebeletso tsa kalafo ba tshwanela ho rwala
maske o ikgethileng o bitswang maske wa N95 .
Batho ba bang bona ba ka rwala dimaske tsa
lesela tse nang le mealo e meraro, ha ho
kgoneha. Haeba ha o na maske, o ka nna wa
kwahela molomo wa hao le nko ka sekhafo kapa
sekipa.
Ditataiso ka ho sebedisa dimaske
• Netefatsa hore o kwahela nko le molomo wa
hao mme o lekana hantle. Ho se be le sekgeo
sefe kapa sefe pakeng tsa maske le
sefahleho sa hao moo marothodi a ka
kenang.
• Se ke wa tshwara maske ha o se o o rwetse
• Ha o rola maske, o tshware ka marapo feela
• Hlatswa maske ka metsi a sesepa a tjhesang,
bonyane letsatsi le leng le le leng
Ho kwalwa ke eng?
Ho kwalwa ke o mong wa mekgahlelo e mehlano
eo mmuso o e sebedisang ho thibela ho kula ha
Maafrika Borwa ka Covid-19. Ho kwalwa ho bolela
hore Maafrikaborwa kaofela a dule malapeng
ntle leha ba;
• phethahatsa tshebeletso ya bohlokwa
• ilo reka dijo, thepa ya bohlweki le tlhwekiso
kapa meriana
• ilo fumana thuso ya bongaka
• ilo amohela tjhelete ya thekolohelo
Mekgahlelo ena ya paballo kaofela e reretswe ho
fokotsa sekgahla sa ho nama ha Covid-19 hara
batho. Ha batho ba sa tsamaye ho tloha
sebakeng se seng ho ya ho se seng, ho thata ho
hasana ha kokwanhloko. Ho dula hae ke tsela e
molemo ho thibeleng ho nama ha kokwanahloko
empa ho thata haholo ho batho ho etsa hona ha
matlo a bona le manyane ebile ba se na lekeno.
Ela Hloko: Tlhaisoleseding ka ho kwalwae fetoha
e ipapisitse le hore ho nama ha kokwanahloko
4
ho laolwa hantle jwang, empa tlhahisoleseding
e nngwe yohle ka hara bukana ena ha e fetohe.
Ha o tlola melawana ya ho kwalwa ho
etsahala eng?
Ho tlola melawana ya ho kwalwa ho tshwana le
ho roba molao. O ka tshwarwa mme/kapa wa
lefiswa
Mapato ona?
Ha ho a dumellwa batho ba fetang 50 lepatong
mme ditebelo ha di a dumellwa.. Lepatong o ka
ya, empa o hloka ho latela melawa e tsheletseng
ya bohlokwa ya thibelo ya ho ata ha
kokwanahloko ena.
Na re ka ya mesebetsing Nakong ya ho
kwala?
O ka ya mosebetsing ha feela o fana ka
tshebeletso ya bohlokwa .Basebetsi ba fanang ka
ditshebeletso tsa bohlokwa ba tla fumana
lengolo la tumello ho tswa ho bahiri ba bona e le
bopoki ba tshebetso ya bona mme ba lokela ho le
tshwara ha ba tloha lapeng. Bongata ba batho ba
thibetswe ho ya mesebetsing nakong ya ho
kwala.
Tlasa maemo a tshohanyetso re lokela ho
etsa jwang?
Ikopanye le ditshebeletso tsa tshohanyetso. Di
ntse di butswe, ho kenyelletsa ditliniki le,
dipetlele.
O lokela ho hlahlobela Covid-19 neng?
Ho bohlokwa ho hlahlobela Covid-19 ha o kula
kapa o na le kopano le motho ya kulang hore:
• o fumane kalafo le keletso e nepahetseng ho
o thusa hore o ikutlwe betere mme o baballe
ba lelapa la hao.
• re ka tshireletsena. Ho bohlokwa ho tseba
haeba o na le tshwaetso ya Covid-19 (leha o
sa kule haholo), hore o se tshwaetse ba
bang, haholo batho ba ka kulang haholo,
jwalo ma maqheku.
Karolo ya batswadi le bahlokomedi ba
bakudi ke efe?
Sewa sa Covid-19 ke nako e thata ho malapa
Afrika Borwa ka bophara, mme malapa ohle a
tobane le diphephetso. Boikarabelo ba hao ba
pele ke ho hlokomela le ho tshireletsa bana ba
hao. Nako e nngwe batho ba baholo ha ba
imetswe maikutlo, ba halefa habonolo. Bana ba
hao le bona ba ka ikutlwa ba imetswe maikutlo
kapa ba tshwenyehile nakong ena. Ba ka fumana
ho le thata ho hlahisa maikutlo a bona ha o
bonahala o halefile. Leka ho:
• sebedisa polelo tse kgothatsang ha o buwa
le bona kapa o le pela bona
• efa bana ba hao monyetla wa ho o senolela
maikutlo a bona
• etsang dintho tse natefisang mmoho le bona
• ba fe monyetla wa ho o thusa ka mesebetsi
ya lapeng.
O ka boela wa tshehetsa bana ba hao ka ho etsa
mesebetsi e kgothaletswang tataisong ena.
Dikolo di tlo ba le mananeo a tlatseletso ha di
bulwa. Hopola: ho bohlokwa hore bana ba nne
ba ithute, mme sekolo sa bana ba hao se ka nna
sa ba romella mosebetsi, empa ha ho tebello ya
hore o be titjhere ya bona!
5
Karolo ya 2: Ho thusa bana ho
ithuta ba le hae
Leha mesebetsi e ka tataisong ena e arotswe ho
ya ka dilemo tse fapaneng tsa bana, e meng ya
yona e ka natefela lelapa kaofela. Mohlala, ha
malapa a etsa nako ya dipale letsatsi le leng le le
leng, bohle ba ka ba le karolo ho abelana ka pale.
Empa, ho boetse ho bohlokwa ho hlophisa
mesebetsi ho ipapisitswe le dilemo tsa bana ba
hao ele hore ba kgone ho fumana tshehetso e
ikgethileng eo ba ka e hlokang fihlella dilemong
tsa kgolo tseo ba leng ho tsona.
Mehopolo bakeng sa ba dilemo di 0 ho
ya ho-3
Bana ba ratwang ke bana ba thabileng mme ha
bana ba ikutlwa ba thabile ebile ba bolokehile, ho
thusa boko ba bona ho hola hantle. Tsena ke tse
ding tsa dintho tseo o ka di etsang ho thusa
kgolo e ntle ya bana:
• Iphe nako ya ho ba le bona letsatsi le leng le
le leng.
• Bapalang papadi eo ba e ratang haholo.
• Dula o bua le bona.
• Ba mamele e le kannete.
• Ba bolelle hore hobaneng o nafetelwa ke ho
ba le bona.
Bana le masea ba ithuta ka ho etsa dintho tse
fapaneng le wena mmoho le bana babo bona ba
baholo ho bona. Ba natefelwa ke ho bina dipina,
ho bapala dipapadi, ho etsa diraeme, ho mamela
dipale, ho pheta dipale, ho taka le ho iketsa eka
ba bala le ho ngola.
Dipina, dipapadi le diraeme
Na o hopola dipapadi tseo o neng o di bapala ha
o ne o le ngwana? Na o hopola kamoo o neng o
natefelwa kateng, le seo o ithutileng sona o sa
hlokomele le ho hlokomela? Ke dipina le diraeme
dife tseo o neng rata ho di bina le ho di etsa?
Abelana dipapadi, dipina le diraeme tsena
mmoho le bana ba hao. Sebedisa metsamao ya
mmele le diketso tse tsamaelanang le mantswe a
dipina le diraeme ha o ntse o bina/etsa le bona.
Hobaneng re sebedisa dipina, diraeme le
dipapadi
• Di hodisa bokgoni ba bana puong
• Di thusa ho aha tshepano le ho matlafatsa
kutlwano pakeng tsa batho ba baholo le
bana.
• Di aha boitshepo le boikananelo, mme ho
thusa bana ho ikgutsa.
• Bana ba ithuta ha bobebe ha ba bapala ebile
ba natefelwa.
Ho abelana ka dibuka
Hobaneng re lokela ho abelana dibuka le bana ba
eso tsebeng ho bua, kapa le masea? Ke hobane
ke mokgwa o motle wa ho tsebana le bona, ho
6
hodisa puo ya bona le ho ba thusa ho ithuta ka
lefatshe.
• Pele bana ba kgona ho itudisa, ho bobebe
haholo ho ba dudisa hodima hao ba o
furaletse ebe o tshwara buka ka pela bona.
• Dibuka tse nang le ditshwantsho kapa
dinepe tse bonolo tsa difahleho tsa bana di
sebetsa hantle bakeng sa bana.
• Abelana ka dibuka le ngwana wa hao ka
mekgwa e mo kenyeletsang a be le karolo le
yena.
- Supa mme o bolele mabitso a dintho tse
fapaneng ka bukeng. Bua ka tseo lona ka
bobedi le di bonang ditshwantshong.
Hona ho ba thusa ho ithuta mantswe le
lefatshe le ba potapotileng
- Botsa dipotso. Leha ba sa kgone ho
araba, ho ba fa monyetla wa ho nahana
ka karabo ho a ba thusa kgolong ya
bona.
Ho qoqa mmoho
Ho qoqa le bana ba hao ho bohlokwa. O ka
fumana hore hangata ba botsa dipotso tse nang
le ’hobaneng?’ Eba le mamello mme o ba fe
tjantjello ka ho hlalosa le ho lokodisa tshebetso
ya dintho. Kamehla ha o qoqa ka tsela eo dintho
di sebetsang ka yona kapa hobaneng re etsa
dintho, o aha tlotlontswe ya bana ba hao le tsebo
ya bona ya lefatshe.
• Mohlala, ha le le dijong ebe ngwana wa hao
o re o moroho oo a o ratang haholo ke
dihwete, o ka nna wa re, “Na o ne o tseba
hore dihwete di mela ka tlasa mobu!”
• Ha ngwana wa hao a supa nko e telele ya
tlou setshwantshong, o ka re, “Eya, e bitswa
mokadi mme tlou e o sebedisa ho itlhatswa
le ho fihlella dijo.”
• Ha ngwana wa hao a bapala ka dibapadiswa
ka metsing, o ka bua ka dintho tse
phaphamalang kapa tse tebang ka metsing.
• Se tshabe ho jwetsa bana ba hao ha o sa
tsebe karabo ya potso. Ba jwetse hore o tla
fuputsa ebe o kgutlela ho bona ka karabo
hamorao. Sena se ba thusa ho utlwisisa hore
batho ba baholo ha ba dule ba ena le
dikarabo tsohle tsohle le hore re dula re
ithuta le rona.
Mesebetsi thutong ya dipalo/Mmetse
• Ho bohlokwa ho ruta bana mareo a kang e
kgolo, e nnyane, e tletse, e lelea, ha o ntse o
bua le bona. Mohlala, ha o jesa ngwana kapa
o mo hlapisa, o ka bapala ka mantswe a
tshwanang le ‘botlolo e tletse/e lelea’,
‘sekotlolo se tletse/ se lelea’
• Bokeletsa dikwahelo tsa dibotlolo mmoho le
bana ba hao mme o di sebedise ho ba ruta ho
bala.
7
• Buang ka ditho tsa lelapa mme le ba bale
mmoho: ntate e motelele, ausi e mo
kgutshwane, boabuti ba 2, boausi ba 3.
Mehopolo bakeng sa ba dilemo tse 3 ho
ya ho 6
Mesebetsi ya Thutapuo le ya ho bala le ho
ngola
• Dipina le diraeme. Binang dipina le etse
diraeme ka di/puo ya ngwana lapeng mmoho
le ka puo ya tlatsetso.Ngola mantswe a pina
kapa a raeme ebe o a supa ha le ntse le e
bina/etsa. Leha bana ba hao ba eso tsebe ho
bala le ho ngola, ho bona mantswe a
ngwotsweng a sebediswa ho ba thusa ho
utlwisisa hore seo re se buwang se ka
ngolwa le ho balwa, makgetlokgetlo.
• Ho ithuta ka mmele ya rona. Bapalang
papadi tsa ho hweletsana: jwalo ka: Lizzy,
Lizzy, soka papa...ka letsoho la hao le
letona/ka letsoho la hao le letshehadi/ ka leoto
la hao le letona/ka leoto la hao le letshehadi.
• Sebedisa matsoho le maoto a hao ho etsa
diketso tsena ha o ntse o bua
• Pheta dipale. Eba le nako kamehla ya ho
phetela bana dipale. Di natifise ka ho
sebedisa lentswe, matsoho a hao le
sefahlehoho tlisa maikutlo. Kenyeletsa bana
ba hao ka ho ba botsa dipotso mme o
mamele dikarabo tsa bona. Pheta hape
dipale tseo ba di ratang haholo, hangata ka
moo ba kopang.
Bala dibuka. Bala kgafetsa mmoho le bana ba
hao mme o tla bona kamoo ba ithutang le seo ba
ka se etsang ka dibuka! Kgetha dibuka tseo o di
ratang, esita le tseo ba di kgethang.
Dikeletso ka ho abelana ka dibuka
• Bala sehlooho sa buka mme o bolele lebitso
la mongodi le motshwantshi.
• Bala ka maikutlo a maholo kamoo o ka
kgonang.
• Tsepamisa maikutlo ka se kgahlang bana ba
hao. Arabela ka boikokobetso ho seo ba se
buang.Mohlala, ha ba supa tamati mme ba re
“bona apole!” o ka re, “Eya, e kgubedu jwalo
ka apole, empa ebe o nahana hore e ka ba
tamati?”
• Botsa dipotso tse thusang bana ba hao ho
nahana ka botebo mabapi le pale. Mohlala,
“Seo se o hopotsa eng?”, “O nahana
hobaneng a entse jwalo?”, “Wena o ka be o
entse eng?” le “O nahana ho ne ho tla
etsahala eng haeba...?”
• Laela bana ba hao ho ‘bala’ (bua)
dipolelwana le dipolelo tse iphetaphetang
mmoho le wena. Mohlala, “Senqanqane se
seng le se seng se ya iqhomela” kapa ‘Kgudu
phutha thupa.’
8
Mesebetsi thutong ya dipalo/Mmetse
Diraeme le dipalo. Etsang diraeme ka dipalo
mmoho mme le etse diketso ha le ntse le di
howa.
Nonyana tse pedi
Nonyana tse pedi hodima sefate
E nngwe ke Mantsho! E nngwe Ke Mosweu!
Fofa Mantsho, fofa Mosweu!
Kgutla Mmantsho! Kgutla Mosweu!
Tswi! Tswi! Tweba!
Tswi! Tswi! tweba!
Ke tweba e nyenyane
E ja bohobe, bohobe ba ntjhanyana
Tloho re e tshware, re e shape
Ha e na tsebe, ha e na tsebe
Tswi! tswi! tweba!
Senqanqane
Senqanqane, senqanqane
Sa re ho nna, ho nna, ho nna
Sa re mpepe, mpepe, mpepe
Nna ka hana, ka hana, ka hana
Sona sa lla, sa lla, sa lla
Sa re hwa, hwa, hwa
Sa re hwa, hwa, hwa
• Ho sebedisa dipalo. Laela bana ba hao ho
bala ho tloha ho 1 ho ya ho 10. Hona ho ba
thusa ho utlwisisa tatellano ya dipalo. Ba
thuse ho ithuta haholwanyane ka dipalo ka
ho re, mohlala, “Ke kopa o ntlele diapole tse
hlano. Na ha re di arola pakeng tsa Mme,
Ntate le wena di tla re lekana? Na ho tla ba le
tse salang?”
• Bapisa boholo le bonyane. Thusa bana ba
hao ho thala ba potisa maoto a bohle ba
lelapa leqepheng ebe ba kgaola mothalo oo
o pampiring. Ba thuse ho ngola lebitso la
‘monga leeto’ le leng le le leng. Mmoho
kolokisang dipampiri tsa maoto ho tloha ka e
nyane ka ho fetisisa ho ya ho e kgolo ka ho
fetisisa. Botsa dipotso tse kang “Ke mang ya
nang le leoto le leholo/lenyane ka ho fetisisa?
“Na motho e motelele/e mokgutshwane ka
ho fetisisa o boetse o na le maoto a
maholo/manyane ka ho fetisisa? nahana
hobaneng ho le jwalo?” O ka boela wa bapisa
boholo ba dintho tse ding lapeng, tse jwalo
ka ditulo kapa ditapole.
• E methe. Bontsha bana ba hao ho sebedisa
matsoho a bona ho metha botelele le/kapa
bophara ba dintho tse fapaneng lapeng. Ho
etsa mohlala “Ke matsoho a makae a hao a
ka anelang ho metha tafole ka ho pharalla ha
yona kaofela?”
• Latela ditaelo. Bapalang papadi ya “Sipho o
Re” moo e mong le e mong a lokelang ho
latela ditaelo tse latelang mantswe ana
“Sipho o re”.... (Mohlala: “Sipho o re, ema
hodima setulo’.”) Ha o latela taelo e sa
qaleng ka “Sipho o re…” (Mohlala, “Dula ka
tlasa tafole.”) jwale e ba wena ya fanang ka
ditaelo.
• Mantswe a boemo a ka sebediswang: ka
hara, ka pela, hodima, ka tlasa, pakeng tsa, ka
mora, pela, thokwana le, ka hodima, ka hara,
ka ntle ho.
9
Mesebetsi thutong ya Bokgoni ho tsa
Bophelo
• Tshebediso ya monko. Bapala papadi ya ho
noha mmoho le bana ba hao. Ntle le hore ba
bone, tshela dijo tse nang le menko e matla
ka hara dikotlolwana-mohlala, vinika,
dipanana, poiri ya khari, kofi. Ba kwale mahlo
ka sekhafo kapa lesela. Ebe o ba kopa hore
ba nohe hore ke eng ka hara sekotlolwana se
seng le se seng ka ho e nkga feela.
• Tsebediso ya ho thetsa. Bapala papadi e
nngwe ya ho noha. . Ntle le hore bana ba hao
ba bone, beha dinthwana tse sa
tjhwatleheng (jwalo ka kgaba le borashe ba
meno) ka hara selopo. Kopa bana ba hao ho
dula ba tutubetse ebe ba ntsha ntho ka hara
selopo. Na ba ka noha hore ntho eo ke eng
ka ho e thetsa feela?
• Tshebediso ya kutlo. Ka hara ditshelwana,
tshela dintho tse fapaneng tse kang
lehlabathe, majwana, difaha le/kapa
dikwahelo tsa dibotlolo. Kopa bana ba hao
ho tutubala mme ba mamele ha o tsukutla
setshelo se seng le se seng. Na ba ka noha
hore ho na le eng ka setshelong se seng le
seng? Botsa, “Na e entse modumo o
phahameng kapa o tlase? O nahana ke
hobaneng e entse modulo o
phahameng/tlase?”
• Momahanya.Natefelwang ke ho bapala
papadi eo ho yona le fapanyetsanang ka ho
fana ka ditaelo tsa ho ‘momahnya’ ditho tse
pedi tse fapaneng tsa mmele ya lona!
Mohlala, ha e mong a re “setsu ho
lengwele”, e mong le e mong o tshwanela ho
thetsa lengwele la hae le le leng ka setsu sa
hae se le seng.
• Papadi ka metsi. Nakong ya ho hlapa, efa
bana ba hao ditshelo tse fapaneng tsa
polasetiki tsa boholo le dibopeho tse
fapaneng ho bapala ka tsona ka metsing. Ba
tla ba le dihora tsa tsa monyaka ha ba ntse
ba ithuta mareo a bohlokwa a saense le
dipalo/mmetse jwalo ka ho tlala/ho ba lelea,
ho feta/ka tlase ho le amoo mekedikedi e
nkang sebopeho sa setshelo seo se leng ka
hara sona. (O ka boela wa etsa sena le
nakong tse ding ka ho fa bana ba hao nkgo
kapa sekotlolo se seholo sa metsi).Etsa
bonnete ba hore wena kapa motho e mong o
disa bana nakong eo ba bapalang ka metsi.
• Mantlwane. Efa bana ba hao
dinthwananthwana tsa kgale (jwalo ka
mabokose a dijo, mabokose a mollo,
dikwahelo tsa dibotlolo, mabokose a mahe),
theipi e kgomaretsang/sekgomaretsi le
sekere. Hlahisa hore ba ahe ntlwana bakeng
sa phoofotswana jwalo ka seboko, tweba
kapa sebopuwa se boinahanelo. Ha ba qetile,
kopa bana ba hao ho o qoqela ka ntlwana eo
ba e entseng.
10
Mehopolo ka ba lemo tse 6 ho ya ho 9
Mesebetsi ya Thutapuo le ya ho bala le ho
ngola
• Ho pheta pale le ho bala. Kgetha pale e tla
natefela bamamedi ba hao ebile e loketse
dilemo tsa bona. Haeba o pheta pale, qala ka
eo o e tsebang hantle. E ka ba pale eo o
kileng wa e phetelwa bongwaneng ba hao
kapa eo o kileng wa natefelwa ke ho e bala.
Thusa ho bopa ditshwantsho ka dikelellong
tsa bamamedi ba hao ka ho sebedisa
mantswe a kgahlang kapa a tsosolosang
maikutlo. Kenyeletsa dipotso (mohlala, “O
nahana hore ho ile ha etsahala eng ka mora
moo?”) le dipina tse hohelang bamamedi ba
hao hore ba nke karolo.
• Mamela dipale. Mmoho jwalo ka lelapa,
mamelang dipale tsa seyalemoya. Le ka
fumana dipale tsa bana mananeong a Nalibali
seyalemoyeng. Diteisheneng tse latelang:
• Ho ngola le ho taka. Ha bana ba hao ba qeta
ho mamela pale, mehopolo e itseng ke ena
ya ho ngola le ho taka eo ba ka e lekang:
- Ba ngole le ho bina pina ya boiqapelo ba
bona e phetang pale
- Ba take setshwantsho se tsamaisanang
le pale. O nahana hore ke hobaneng ha
mongodi a kgethile sebaka sena bakeng
sa pale?
- Ba take mophetwa ho tswa paleng. Etsa
lenane la diketso kaofela tsa mophetwa.
Sebedisa lenane ho o thusa ho nka qeto
yah ore na mophetwa o “lokile” kapa
“ha a loka”. Ngola polelo o hlalose hore
na o ikutlwa jwang ka mophetwa eo.
• Ho iketsetsa buka ya dipale. Latelang
mehato ena ho iketsetsa buka ya dipale le le
lelapa.
- Nkang qeto mmoho ka hore na pale e tla
ba mabapi le eng - mohlala, pale ka
lelapa le ileng la ya reka mabenkeleng ka
nako ya ho kwalwa. Nahana ka: pale e
etsahala hokae, mophetwa wa sehlooho
ke mang, qaka ke efe paleng eo le hore
na e rarollwa jwang, le qetello ya pale.
- Phetang pale ena mmoho.
11
- Etsang buka e sa ngollang ka ho mena
maqhephe a mmalwa a pampiri
kabohare.
- Kgethang wa lelapa ho ngola karolo ya
pale leqepheng le leng le le leng la buka
e sa ngollang, ha ba bang ba ntse ba
pheta pale hape.
- Dumellang e mong le e mong ho
fapanyetsana ka ho taka ditshwantsho
ka hara buka ya dipale.
- Natefelwang ke ho bala pale ena
mmoho!
Mesebetsi thutong ya dipalo/Mmetse
• Etsa khalenda ya letsatsi la tswalo. E re bana
ba hao ba etse khaledara ya matsatsi a
tswalo. E re ba sebedise maqephe 12 a
pampir-leqephe ho kgwedi ka ngwe. Hlahisa
hore leqepheng ka leng ba ngole lebitso la
kgwedi le matsatsi a tswalo a metswalle ya
bona le ba lelapa ba welang kgweding eo. Ba
kgothaletse ho kgabisa khalendara tsa bona
ka ho sebedisa dipaterone tse fapaneng
bakeng sa kgwedi ka nngwe. Ha
dikhalendara tsa bona di phethetswe,
qetang nako le buisana ka tsona mmoho -
mohlala, o ka re “Ha re boneng hore na ke
kgwedi efeng e nang le matsatsi a tswalo a
mangata/a manyane ka ho fetisisa”, “Ke ba
bakae bao matsatsi a bona a tswalo a leng ka
la 9 la kgwedi?”, “Nkgono o tla be a le dilemo
di kae letsatsing la hae la tswalo le latelang?”
• Papadi ka ro reka. Mmoho la bana ba hao
iketsetseng tjhelete ya papadi mme le nke
dintho ka khabeteng ya lona ya kerosari ho
etsa lebenkele la papadi. Ngolang ditheko
tsa dintho tseo dipampitshaneng mme le di
behe pela tseo le tlo di rekisa. Jwale
natefelwang ke ho fapanyetsana ka ho ba
moreki le morekisi ba ntse -ba kopanya theko
tsa tse rekilweng, ba patala le ho fana ka
tjhentjhe ka ho sebedisa tjhelete ya papadi.
Le ka nna la buisana ka ho ya reka
mabenkeleng nakong ya ho kwalwa. E re
bana ba hao ba tshwantshise maemo a
fapaneng mme ba hlahise ditharollo ho
diphephetso tse fapaneng tsa ho reka
mabenkeleng.
• Ho metha. E re bana ba hao ba sebedise
maqephe a tabotsweng dimakasineng (kapa
dikoranta) ho fumana ka moo re methang
boholo ba sebaka sa ntho ka teng. -mohlala,
bokahodimo ba tafole, boholo ba phaposi.
Bontsha bana ba hao ho ala maqephe fatshe
a atamelane a sa siya dikgeo dipakeng. Jwale
e re ba bale hore na ke maqephe a makae a
pampiri ao ba a sebedisitseng ho kwahela
sebaka seo ba se methang. Mmoho bapisang
boholo le bonyane -ke efe e nang le sebaka
se seholo/se senyane ka ho fetisisa?
Ho ithuta dipalophatlo. E re bana ba hao ba
ithute ka dipalophatlo ha ba ntse ba o thusa
nakong eo o kgabelang ditholwana kapa meroho
ka dihalofo le dikotara ha o etsa salate ya
ditholwana kapa sopho. (O ka kgabela “dikotara”
ka dikotwana tse nyane, ha ho hlokeha). Hopola
ho disa bana ka hloko ha ba sebedisa dithipa.
12
Diphazele ka dithutswana tsa mollo. Efa bana ba
hao dithutswana tsa mollo (kapa dithutswana tse
hlohlotsang meno) mme o ba laele ho aha
dibopeho tsa palo e itseng—mohlala, “Etsa
dikgutlotharo tse hlano ka dithutswana tsa mollo
tse robong feela)
Mesebetsi ho thuto ya Bokgoni ba Bophelo
• Hula kapa sututsa? E re bana ba hao ba
shebe hore na ke mekgwa efe e fapaneng eo
ba ka e fumanang ya ho tsamaisa bolo kapa
lebokose le tshetseng. Ha ba ntse ba etsa
jwalo, nkang qeto mmoho hore na le a hula
kapa le a sututsa motsamaong o mong le o
mong. O ka nna wa makala ha o hlokomela
hore na re ‘hula’ le ho ‘sututsa’ hakae ha re
tsamaisa dintho ka mekgwa e fapaneng!
• Ho rala le ho etsa lehaha. E re bana ba hao
ba fumane mekgwa ya ho etsa lehaha leo ba
ka bapallang ka hara lona mmoho.Hlahisa
hore ba sebedise dishiti, masela a tafole
le/kapa dikobo esita le ditafole le ditulo ho
etsa sena. Jwale ba dumelle ho natefelwa ke
ho etsa qeto yah ore ba kenye eng ka hara
lehaha la bona —mme ba bapalle ka hara
lona!
• Mmino ka kgalaseng. Tshela metsi a bongata
bo fapaneng ka hara dikgalase tse nne kapa
tse hlano ebe o laela bana ba hao ho di
thulanya hanyane mahlakoreng ho etsa
medum e fapaneng. Mmoho qoqang ka hore
na ke medumo efe e tlase le hore ke efe e
hodimo. Hlokomedisa bana ba hao hore ha
metsi a le mangata ka kgalaseng, modumo o
ba tlase.
• Dipeo ka dijong tsa rona. Ditholwana le
meroho e meng e na le dipeo ka hare -
mohlala, diapole, dilamunu, ditamati le
dikhukhamba. Ha o hlophisa tsena bakeng sa
seneke kapa dijo, sebedisa monyetla ona ho
hlokomedisa bana ba hao hore dipeo tsa
tsona di shebahala jwang, di dutse jwang le
hore na ebe re ka di ja. Leka ho hlomela
dipeo tse mmalwa ka hara sekwahelo se sa
tebang: beha dipeo tseo ka hara mobunyana
kapa thishu e mongobonyana, Etsa hore di
dule di le mongobo ka ho di fafatsa ka metsi
kgafetsa mme o bone hore na ho etsahala
eng.
• Boloka dayari ya kgwedi. Mmoho le bana ba
hao, ipheng nako ya ho boha kgwedi bosiu
bo bong le bo bong sebaka sa kgwedi.
Elellwang ka moo sebopeho sa kgwedi se
bonahalang eka se ya fetoha. Hlahisa hore
bana ba hao ba be le rekoto ya diphetoho tsa
sebopeho tseo ba di bonang ka ho taka
setshwantsho sa ya kgwedi bosiu bo bong le
bo bong sebaka sa kgwedi. Ba hopotse ho
ngola letsatsi pela setshwantsho ka seng.
13
Mehopolo ho ba dilemo tse 10 ho ya ho
13
Mesebetsi ya Thutapuo le ya ho bala le ho
ngola
• Ho pheta dipale le ho bala. Sebedisa
ditlhahiso tsa ho abelana ka dipale bakeng sa
bana ba banyenyane tataisong ena ebe o
tlatseletsa ho tsena ka;
− ho fa bana ba hao menyetla e mengata
ya ho abelana ka dipale tsa bona
− ho pheta kapa ho bala dipale tse telele
− ho iqapela dipale mmoho (Qala pale ebe
o kopa setho ka seng sa lelapa ho
tlatseletsa paleng ena ho fihlela le fihla
qetellong ya pale)
− ho kgothaletsa bana ba hao ho mamela
dipale tsa Nal'ibali seyalemoyeng
− ho bokeletsa dipale ho tswa
ditlatsetsong tsa dikoranta tsa Nal’ibali
le ho di balla bana ba hao hape/kapa o
ba kope hore le bona ba balle bana ba
bo bona ba banyenyane dipale.
Mesebetsi ya ho ngola. Kopa bana ba hao ho
ngola mesebetsi e amanang le buka eo ba e
badileng, pale eo ba e kileng ba e mamela kapa
lenaneong leo ba le ratang ka ho fetisisa la TV:
-Hlophisa inthaviu bakeng sa mophetwa ya
tswang bukeng, paleng eo o kileng wa e mamela
kapa lenaneong la TV. Ngola bonyane dipotso tse
leshome tse ka fang mophetwa monyetla wa
hore a hore a bue ka menahano le maikutlo a hae
mabapi le seabo sa hae paleng.
− Ngola manollo ya buka. Nnetefatsa hore
o fana ka lesedi mabapi le tikoloho ya
buka le baphetwa, le hore pale e mabapi
le eng – empa o se ke wa fana ka dintlha
kaofela! Hopola hape ho bolela hore sefe
seo o se ratileng le/kapa seo o sa se
ratang ka pale.
− Ngolla mophetwa wa sehlooho wa pale.
Lengolong la hao botsa dipotso,
ipelaetse hape/kapa tletleba ka se
itseng, hape/kapa fana ka tshisinyo.
Lengolo la hao le be bonyane bolelele ba
dipolelo tse leshome.
− Ngola tlhaloso ya baphetwa ba bararo
ho tswa paleng eo o e badileng.
Kenyeletsa dintlha tse latelang: kamoo
ba shebehang kateng, kamoo ba
ikutlwang kateng le kamoo ba amanang
kateng le baphetwa ba bang.
− Rala setshwantsho sa mophetwa ka
mong se tsamaelanang le tlhaloso eo.
− Ngola qalo kapa qetello e fapaneng ya
pale eo, kapa ya kgaolo lenaneong leo o
le ratang ka ho fetisisa la TV. Haeba
qetollo e ne e le e bohloko, ngola e
monate, haeba e ne e le e monate, ngola
e bohloko.
− Ngola kgutsufatso ya seo o ithutileng
sona paleng. Na o ka boela wa hlolosa
hore ke sefe seo babadi ba bang ba ka se
unang ka ho e bala?
− Kgetha e mong wa baphetwa ho tswa
paleng mme o ngolle pale ho ya kapono
ya hae ya ditaba.
− Iqapele baphetwa ba soupi mme o
ngolamookotaba wa pale.
14
Mesebetsi thutong ya dipalo/Mmetse le
mahlale/ saense
Dipalo hohle. E re bana ba hao ba bale
dipalo/dinomoro tseo ba di fumanang ka hara
dibuka, ho dintho lapeng (mohlala, boima ba
dintho tsa kerosari, nako tshupanakong,
dipalo/dinomoro tse hlahang mithareng ya
motlakase) le ho TV (mohlala, themphereitjha ya
letsatsi ka leng, kgonahalo ya pula, dipalopalo tsa
Covid-19). Hlahisa hore ba ngole disimbolo tsa
dipalo tse tharo ebe ba di ngola le ka mantswe
(mohlala: 19, leshome le metso e robong).
• Dipalo tsa hlooho/menthele. E ba tlwaelong
ya ho etsetsa dipalo tsa menthele le bana ba
hao le sebedisa kopanya, tlosa le ho atisa.
Qala ka dinomoro tse nang le palo e le 1 ho
fihlela ba di utlwisisa ka botlalo, ebe o
kenyeletsa dinomoro tse nang le dipalo tse 2
le tse 3. Thusa bana ba hao ho ithuta mawa a
letsatsi le leng le le leng a ho sebetsa ka
dipalo. Mohlala, ha re kopanya tjhelete, re
qala ka tse kgolo (R100, R50, R20, jj): 150
+280 =100 + 200 = 300 + 50 = 350,( arola 80
ka 50 + 20 + 10) + 50 = 400 + 20 = 420 + 10 =
430. Ka hoo, 150 + 280 = 430
• Ho bapala dikarete. E re bana ba hao ba
hlophe dikarete tse ka pakaneng ho ya ka
dinomoro tse hlahang ho tsona-ho tloha ho e
nyane ho ya ho ye kgolo ka ho fetisisa, kapa
ho tloha ho e kgolo ho ya ho e nyane ka ho
fetisisa. Ebe o phephetsa bana ba hao hore
ba nke dikarete tse pedi kapa ho feta mme
ba tjhorise bokgoni ba ho kopanya, tlosa
le/kapa ho atisa ka dipalo tse hlahang moo.
• Dibopeho tse re potileng. Kgothaletsa bana
ba hao ho sheba dibopeho (dikgutlotharo,
dikgutlonnetsepa (sekwere) le dikgutlonne)
dinthong tse lapeng -mohlala, sebopeho sa
difenstere le mamati, dibopeho tse
fenitjhareng le disebedisweng tsa kitjhine.
Hlahisa hore ba take ntho e nngwe le e
nngwe le se/dibopeho tseo ba di bonang ho
tsona.
• Ke eng seo? Efa bana ba hao menyetla ya ho
hlwaya dintho tseo e leng mekedikedi le tse
thata, metswako le diasiti. (Mohlala, vinika le
dilemone e leng tse bodila, ke diasiti.)
• Dimela le diphoofolo. Kgothaletsa bana ba
hao ho hlwaya, ho taka le ho hlalosa dimela
le diphoofolo tse lapeng le tseo ba di bonang
ho TV.
• Eneji hohle. Bua le bana ba hao ka mefuta e
fapaneng ya eneji. (Mohlala, eneji ya
motjheso), mehlodi ya eneji (mohlala,
letsatsi, setofo) le diphetoho tsa eneji (ditofo
di fetola eneji ya motlakase ho ba eneji ya
motjheso)
15
Mehopolo bakeng sa batjha
• Kgothaletsa ho ngola.Hlahisa hore batjha ba
hao boloke dayari ya nakong ya ho kwala
kapa ba ngole dithothokiso ho ntsha
menahano le maikutlo a bona.
• Nalene ya selehae. E re batjha ba hao ba etse
porojeke ka ho pheta nalane/pale ya bophelo
ba ditho tsa lelapa. E re ba etse inthaviu le
wena le batho ba bang ba haholo lapeng ka
dikgopolo sebakeng seo le holetseng ho
sona mehleng ya lona, tse ileng tsa etsahala
le ka moo di ileng tsa le ama kateng.
(Diinthaviu di fa batjha molemo wa ho ba
ditsebi tsa nalane!). Kgothaletsa batjha ba
hao ho rekota diinthaviu tsa bona. Ba ka etsa
sena ka ho ngola dikarabo tsa motho eo ho
etswang inthaviu ho yena kapa ba sebedisa
selefouno ho rekota inthaviu.( Ba hopotse
hore ho rekota inthaviu re hloka tumello ya
motho ya nonywang maikutlo ka dinako
tsohle)
• Buang ka ditaba. Nakong ena ya ho kwala,
‘ditaba’ di kena di sa tswa kena malapeng a
rona ho tswa seyalemoyeng, thelevisheneng,
dihlopheng tsa Whatsapp le dikgokahanong
tse ding tsa setjhaba. Sebedisang sena e le
monyetla bakeng sa lelapa lohle ho ithuta ho
ba babadi ba ‘ditaba’ ba sekasekang ka
botebo. Dipotso ding tseo le ka ipotsang
tsona ke tsena:
− Pale e phetwa ho ya ka tjhebo ya mang?
− Ke mang ya buang? Ho buuwa kae
mang?
− Ke mang yan ang le matla? Matla ana a
bontshwa jwang?
− Ke se fe se sa hlahiswang le/kapa se sa
tsotellweng?
− Ho molemong wa mang?
• Balang. Batjha ba balang ka boikemelo ba na
le sephetho se ntlafetseng dithutong tsa
bona, eseng puong feela. Kgothaletse batjha
ba hao ho ipalla ka bobona le hore ba
natefelwe. Ha ba se na dibuka ba thuse ho
fumana laeborari ya inthaneteng ya FunDza
ho https://live.fundza.mobi/) kapa saeteng ya
Whatsapp (romella molaetsa ho
0600548676).Haeba batjha ba hao ba rata
ho bala dibuka tsa bana ba banyenyane kapa
dikhomiki, ba kgothaletse ho di bala. Ha ho
na taba hore na ba kgetha ho bala eng, ha
feela ba tswela pele ho bala!
• Qoqang mmoho. E ba le moqoqo le batjha
ba hao ka seo ba se balang. Ba botse dipotso
eseng ho ba hlahloba, empa ho ba
kgothaletsa ho ntsha maikutlo a bona le
menahano ya bona ka seo ba se balang.
Mohlala, o ka botsa:
− Na o natefetswe ke pale eo? Hobaneng e
o natefetse/ e sa o natefela?
− O ratile mophetwa ofe haholo?
Hobaneng?
− Ke mophetwa ofe eo o sa mo ratang
haholo? Hobaneng?
− Na o nahana hore nka nnatefelwa ke
pale eo? Hobaneng e ka nnatefela/e ka
se nnatefele?
− Na o nahana hore pale eo e a kgolweha?
Na di ya etsahala dintho tsa mofuta oo?
• Buang ka TV. Ho shebella TV ke mofuta o
mong o fapaneng wa tsebo ya ho bala le ho
ngola! E thusa batjha ho hodisa bokgoni ba
16
• ho nahana ka seo ba se bonang le seo ba se balang. Kahoo, buisanang ka
seo ba/le se shebellang ho TV. O Ka sebedisa dipotso tse tshwanang le tse
ka hodimo ho “Qoqang mmoho”. O fane ka maikutlo a hao le wena, empa
etsa bonnete ba hore batjha ba hao ba tseba hore ha se phoso ha ba
nahana ka tsela e fapaneng le ya ba bang. Mme ha ho ba le dipotso ka
lenaneo - jwalo ka, “Sebaka sena se hokae America?” kapa “Na see se
itshetlehile paleng ya nnete?” -haeba o ena leinthanete le datha, le ka
sheba karabo mmoho ka ho sebedisa google
• Balla hodimo. Ho balla hodimo ha feela bakeng sa bana ba banyenyane.
Ho ka ba monate ho balla pale kapa sengolwa hodimo o balla batjha. Kapa
batjha le bona ba ka ballana. Fumana dingolwa tseo o ka di ballang
hodimo ho mobisaete wa FunDza:
https://live.fundza.mobi/catalogue/?genre=chattalogue
• Ho lekola dithuto tsa bona. Hlophisa moralo wa letsatsi le tsatsatsi le
batjha ba hao hore ba shebane le dithuto ka dinako tse behilweng. Hape,
ba kgothaletse ho bua le wena ka dithuto tseo ba di balang. Ha ba ntse ba
buisana le ho sebetsa ka dithuto tseo ba di balang – mme ho bua ka tsona
ke e nngwe ya ditsela tse lokileng ho etsa sena – kahoo ba tla ithuta
hantle. Hantlentle, e nngwe ya ditsela tse lokileng ya ho lekola haeba o
feela o utlwisisa ntho e itseng, ke ho e ruta! Kahoo, kopa batjha ba hao ho
o ruta ka sehlooho se itseng – ka puo efe kapa efe eo ba ikutlwang ba
phuthulohile ka yona.
Mananeo a seyalemoya le TV ho SABC
Ho na le mananeo a TV le a seyalemoya a tsepamisitseng boithutong ba Kereiti
ya 10 ho ya ho 12 esita le ho boithuto ba pele ho sekolo dinakong tse
bontshitsweng ka tlase mona.
Seteishene sa radio Nako (Mantaha ho ya Labohlano)
Umhlobo Wenene 14h30—15h00
Thobela FM 17h00—18h00
Phalaphala FM 13h30—14h00
Munghana Lonene FM 14h30—15h00
Ukhozi FM 21h00—22h00
Lesedi FM 16h15—16h45
Ligwalagwala FM 09h10—09h40
Motsweding FM 19h00—19h30
Ikwekwezi FM 10h30—11h00
Seteishene sa TV Nako
SABC 1 Mantaha ho ya Sontaha 05h00—06h00
SABC 2 Mantaha ho ya Labohlano 09h30—11h00
SABC 3 Mantaha ho ya Labohlano 06h00—07h00
17
Tlhophiso ya diketsahatso tsa letsatsi le letsatsi
Nakong ena eo batho bohle ba sitisehileng ditlwaelong tsa bona, ke bohlale ho
hlophisa boipehelo ba letsatsi le tsatsatsi bo lokelang ho latelwa bo
kenyeletsang nako tsa dijo, ho ithuta, mesebetsi ya lapeng, ho bala, ho bapala,
ho ikwetlisa le ho robala. Ditlwaelo tsena di fa bana boikutlo ba polokeho
mme di ba thusa ho ba le boikarabelo ba se lokelang ho etswa letsatsi le leng
le le leng lapeng.
Malapa ha a tshwane, ka hona mmoho hlophisang hore ke sefe se molemo ho
lona kaofela - mohlala, bana ba kenang dikolong tse phahameng ba ka nna ba
batla ho kenyelletsa mererong ya bona ya letsatsi le letsatsi, dinako tseo
Lefapha la Thuto ya Motheo le hasang dithuto ka tsona.
Ha o se o hlophisitse moralo wa diketsahatso tsa letsatsi le letsatsi bakeng sa
bohle, maneha moralo ona leboteng kapa sehatsetsing hore kaofela le tle le
nne lele sheba. Ka tlase ke mohlala wa moralo bakeng sa bana ka dilemo ho
fapana.
Bana ba dilemo tsaECD- Bana ba dikolo tsa Poraemari Bana ba dikolo tse Phahamengn
07h00—07h30
Tsoha; dijo tsa hoseng
07h30—08h00
08h00—08h30
Tsoha, dijo tsa hoseng Tsoha, dijo tsa hoseng Nako ya ho bala: etsa mesebetsi e ka hara tataiso ena kapa etsa mesebetsi e tswang sekolongl. Lenaneo la radio ho Ligwalagwala FM (09h10—09h40)
08h30—09h00
Boikwetliso: mohlala, potoloha jarete kapa bapala ka bolo.. Efa ngwana wa hao monyetla wa ho tsamaya le ho ikwetlisa.
09h00—09h30
Mamela pale... (Sheba sekejule sa mananeo a radio la Nal’ibali ka leqepheng la .)
Ho abelana ka dipale, ho bala kapa ho mamela dipale. (Sheba sekejule sa mananeo a radio a Nal’ibali ka leqepheng la.) Etsa mesebetsi e itseng ya ‘puo le ya tsebo ya ho bala le ho ngola’ e ka hara tataiso ena.
09h30—10h00
Hlapa mme o itereke bakeng sa ba ratang ho hlapa motsheare.
Mesebetsi ya lapeng KAPA lenaneo ho radio ho Ikwekwezi FM (10h30—11h00)
18
Bana ba dilemo tsaECD- Bana ba dikolo tsa Poraemari Bana ba dikolo tse Phahamengn
10h00—10h30
Diketsahalo tsa ho baladipalo ka boiqapelo
Etsa mesebetsi e meng ya ‘mmetse’ kapa ya ‘bokgoni ba bophelo/saense’ e ka hara tataiso ena. Kapa, etsa mosebetsi o tswang sekolong. Shebella mananeo a thuto ho SABC 2 TV. 10h30—
11h00 Ho abelana ka dipale le ho taka le diketsahalo tse ding ka hara tataiso ena
11h00—11h30
Boikwetliso: mohlala, potoloha jarete kapa bapala ka bolo. Efa ngwana wa hao monyetla wa ho tsamaya le ho ikwetlisa.
Nako ya ho bala: etsa mesebetsi e ka hara tataiso ena kapa etsa mesebetsi e tswang sekolong
11h30—12h00
Ho bapala le ho thusa ka mesebetsi ya lapeng
Nako ya ho phomola le/kapa mesebetsi ya lapeng
12h00—12h30 12h30—13h00
Nako ya ho phomola Ho pheha/thusa ka ho lokisa dijo
13h00—13h30
Dijo tsa motsheare Dijo tsa motsheare Dijo tsa motsheareLunch Lenane la radio ho Phalaphala FM (13h30—14h00) 13h30—
14h00
19
Bana ba dilemo tsaECD- Bana ba dikolo tsa Poraemari Bana ba dikolo tse Phahamengn
14h00—14h30
Ho robala hakgutshwane thapama Bala: etsa mesebetsi o tswang sekolong kapa mesebetsi e kahara tataiso ena.
Ho balla boithabiso: nako ya ho ikgutsa ya ho bala o le mong... (Bala dingolwa letsatsi le leng le leng.) Mananeo a radio ho Umhlobo Wenene le Munghana Lonene FM (14h30—15h00)
14h30—15h00
15h00—15h30
Nako ya ho phomola bakeng sa ba bang & Lenaneo la radio ho Lesedi FM (16h15—16h45) 15h30—
16h00 Ho bapala (ka ntle, ha ho kgonehaif) le/kapa nako ya pale ho SABC 1 TV
DEAR (Tlohela Tsohle o Bale): nako ya ho ikgutsa o bale o le mong kapa ka thuso. Kapa, mamela dipale ho SABC 1. 16h00—
16h30 16h30—17h00
Nako ya ho phomola: diphazele, ho taka
Nako ya ho phomola le/kapa mesebetsi ya lapeng. Thusa ka ho lokisa dijo tsa mantsiboya.
Boikwetliso: mohlala, potoloha jarete kapa bapala ka boloExercise:.
17h00—17h30
Nako ya ho phomola kapaya ho thusa ka mesebetsi ya lapeng Lenaneo la radio ho Thobela FM (17h00—18h00)
17h30—18h00 18h00—18h30
Dijo tsa mantsiboya Nako ya ho hlapa bakeng sa ba hlapang bosiu
Dijo tsa mantsiboya, nako ya TV Dijo tsa mantsiboya
18h30—19h00
Ho hlatswa dijana
19h00—19h30
Nako ya pale ya pele ho boroko le ho robala
Nako ya TV t; Lenaneo la radio ho Motsweding FM (19h00—19h30)
19h30—20h00
20
Bana ba dilemo tsaECD- Bana ba dikolo tsa Poraemari Bana ba dikolo tse Phahamengn
20h00—20h30
Nako ya pale ya pele ho boroko le ho robala
20h30—21h00
21h00—21h30
Ho balla boithabiso KAPA Lenaneo la radio hoUkhozi FM (21h00—22h00) 21h30—
22h00
22h00 Ho hlapa & Nako ya boroko
Ditataiso tsena di ngotswe ho ho tswa dikgathothaletsong tsa Lefapha la Thuto ya Motheo, la Ntshetsopele ya Setjhaba le UNICEF.
1
Covid-19 ECD and Schooling Group would like to thank the following people and their organisations for their contribution to this caregiver guide. • Benson Henre - Director, CASME • Bloch Carole – Director, Project for the Study of Alternative Education
in SA (PRAESA) • Cassim Hassina – University of KwaZulu Natal – Extended Learning • Cohen Sue – Manager, Teaching and Learning Support, PILO • Dyer Dorothy - Fundza Literacy Trust • Ebrahim Kaathima – Director, Mikhulu Child Development Trust • Giese Sonja - Innovation Edge • Guzula Xolisa – University of Cape Town & Bua-lit Language and
Literacy Collective • Hardie Mignon – Director, Fundza Literacy Trust • Hlatywayo TT – Independent Xitsonga Language Practitioner • Horswell Colleen – Chairperson, Mitchells Plain Education Forum • Huston Katie – COO, Nal’ibali National Reading for Enjoyment
Initiative • Esmeralda Jacobs – Independent Afrikaans Language Specialist,
teacher at Springfield Convent • Jowell Justine – Programme Design and Development, Smartstart • Kaka Mokakale – Setswana National Language Body (PanSALB) • Koopman Arabella – Project for the Study of Alternative Education in
SA (PRAESA) • Kunene Nontokozo - COUNT Africa • Madubedube Noncedo – General Secretary, Equal Education
• Magongoa Mashilo – Independent Sepedi Language Practitioner • Mahlabela Patisizwe - CASME • Mathebula Smangele - African Storybook Partner Development
Coordinator, Saide • McKinney Carolyn – University of Cape Town & Bua-lit language and
literacy Collective • Metcalfe Mary – Education and Change Director, PILO • Mnisi Amukelani- Tshivenda Language Practitioner • Mokapela Sebolelo – IsiXhosa Language Specialist, University of the
Western Cape • Mokoena Thebe – Independent Sesotho Language Researcher • Mpofu Nqaba - IsiZulu Language Practitioner, The Cooking Pot • Msezane Nandi- Pan African Home Education • Nematswerani Funanani- Tshivenda Language Practitioner • O’ Carroll Shelley – Director, Wordworks • Phitidis Kimon - Social Innovations • Pinto Vanashree - Nal’ibali National Reading for Enjoyment Initiative • Scholtz Kayin – Nal’ibali National Reading for Enjoyment Initiative • Shibambu Matimba Reckson, Professional Language Practitioner,
Tshwane University of Technology • Simelane Fikile – Lecturer, Childhood Education, University of
Johannesburg • Trok Lorato – Setswana National Language Body, Pansalb
• Visagie Ashley – Bottom Up